Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?
Mattheu 27:56 - BIBELE hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo le Josefa, le mohatsa Sebedea. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea. Baasraak Sotho NT Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea. |
Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?
Ha Sabatha se fetile, ho hlaha mafube a letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala le Maria e mong ba tla ho bona lebitla.
Maria wa Magadala le Maria mma Joseta ba ne ba shebeletse, mme ba bona moo a bewang teng.
Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.
E ne e le Maria wa Magadala, le Johanna, le Maria, mma Jakobo, le basadi ba bang ba neng ba ena le bona, ba neng ba bolella baapostola ditaba tseo.
le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena,
Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala.
Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.
Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.