Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:2 - BIBELE

2 le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 le basadi ba bang, ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: e le Maria, ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswile ho yena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse, e leng Maria ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswe ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse, e leng Maria ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswe ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:2
11 Referencias Cruzadas  

Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu.


Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.


Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.


Empa metswalle yohle ya Jesu, le basadi ba neng ba mo latetse ho tloha Galelea, ba ne ba eme sebakana, mme ba bona ketsahalo tsena.


Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba etswa Galelea, ba latela Josefa, ba bona lebitla le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng.


Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena.


Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala.


Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos