Mattheu 27:45 - BIBELE Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. Baasraak Sotho NT Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. |
“Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.
E ne e le letsatsi la tlhekelo ya Paseka, e ka ba hara mpa ya motsheare. A re ho Bajuda: “Ke eo kgosi ya lona!”
Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.
Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.
Yaba e bula mohohlo o se nang pheletso, mme ka ho wona ha foqoha mosi o kang wa sebopi se seholo. Letsatsi le sebaka se hodimo tsa fifatswa ke mosi o tswang ka mohohlong.