La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 27:23 - BIBELE

A re: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ba howa, ba re: “A thakgiswe!”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe!

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe!

Ver Capítulo



Mattheu 27:23
16 Referencias Cruzadas  

Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.


Pilato a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste?” Bohle ba re: “A thakgiswe!”


Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”


Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”


Leha ba sa ka ba fumana a ena le molato o lokelang lefu, ba kopa Pilato hore a bolawe.


Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.


Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.