Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 23:4 - BIBELE

4 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Pilato a bolella baprista ba baholo le bongata, a re: Ha ke fumane molato ho motho eo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho bongata: Ha ke fumane molato ho monna enwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho bongata: Ha ke fumane molato ho monna enwa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 23:4
13 Referencias Cruzadas  

Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”


Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”


A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”


Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.


Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos