Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!
Mattheu 27:17 - BIBELE Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? Baasraak Sotho NT Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? |
Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!
Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.
Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”
Mosadi a re ho yena: “Ke a tseba hore Mesia, ya bitswang Kreste, o a tla; mohla a tlang, o tla re bolella dintho tsohle.”
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”