Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati.
Mattheu 26:61 - BIBELE tsa re: “Motho enwa o itse: ‘Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo. Baasraak Sotho NT ba re: “Monna enwa o itse: ’Nka qhaqha Tempele ya Modimo, le ho e haha ka matsatsi a mararo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: “Monna enwa o itse: ’Nka qhaqha Tempele ya Modimo, le ho e haha ka matsatsi a mararo. |
Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati.
le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”
Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”
Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”
O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.
Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”
Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.”
ba re: “Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he! Haeba o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong!”
“Re mo utlwile a re: ‘Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!’ ”
Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,
La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”
re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”
Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.
ba re: “Monna enwa o kgothaletsa batho hore ba hlomphe Modimo ka mokgwa o hananang le Molao.”
Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”