Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:9 - BIBELE

9 Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba re: Suruha moo! Ba ba ba re: Motho enwa o tlile ho jaka, mme jwale o rata hoba e be moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe ho fetisa bona! Jwale monna eo Lota ba mo hatella haholo, mme ba atamela ho thuha lehlafi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:9
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re: “Bonang, kaofela ha bona ke setjhaba se le seng, ba bua puo e le nngwe. Hona ke qaleho feela ya mosebetsi wa bona, mme ha ho letho le tla ba thibela morerong oo ba hopotseng ho o etsa.


Aborame a aha naheng ya Kanana, ha Lota yena a ile a ikgahela metseng e phuleng, a hloma ditente tsa hae pela Sodoma.


Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.


Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.


ha se bua se ye se qale ka ho phorohla, se qetelle ka ho pota sa motho wa mapokaetsi.


Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


Ke tjhaba se reng: ‘Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta!’ Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka.


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


“ ‘Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki.


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”


Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos