Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:8 - BIBELE

8 Bonang, ke na le baradi ba babedi, ba eso robale le monna; ha ke mpe ke le tlisetse bona, le etse seo le se ratang ka bona. Feela banna bana bona le se ke la ba etsa letho, hobane ba tshireletsong ya ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bonang hle, ke na le baradi ba babedi ba esong ho tsebe monna; ke tla le tlisetsa bona kantle, le ba etse kamoo le ratang kateng. Empa feela banna bana, le se ke la ba etsa letho, etswe e le ka baka leo ba keneng moriting wa marulelo a ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:8
12 Referencias Cruzadas  

Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”


mme a re: “Ke a le rapela, bana beso; se keng la etsa bokgopo bo tjena.


Yaba Rubene o re ho ntatae: “O tle o bolaye bara ba ka ba babedi ha ke sa mo kgutlisetse ho wena. Nnee yena matsohong, mme ke tla mo kgutlisetsa ho wena.”


Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.


“Ya layang mosomi o ipiletsa mahlapa, ya kgalemang ya kgopo o ipiletsa ho tlontloloha.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


A se ke a tseba hore na a ka reng, hobane ba ne ba tshohile haholo.


Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.


Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!


Bonang, moradi wa ka wa morwetsana ke enwa, le mosadi wa lefielo wa monna enwa; ke tla ba ntshetsa kantle hona jwale, le ba silafatse, le etse seo le ratang ho se etsa ka bona, empa ho monna enwa le se ke la etsa ntho e hlabisang dihlong ena.”


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos