Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.
Mattheu 26:60 - BIBELE empa ha ba a ka ba bo fumana, le hoja dipaki tsa leshano di ile tsa tla ka bongata. Qetellong ha tla tse pedi, Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha ba ka ba bo bona, leha dipaki tsa bohata tse ngata di itlhahisitse. Empa ho feleng ha hlaha dipaki tse pedi tsa bohata, Baasraak Sotho NT Empa ha ba a ka ba e fumana, leha dipaki tsa bohata tse ngata di ile tsa tla, empa ha ba a ka ba di fumana. Qetellong ha fihla lipaki tse peli tsa bohata. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ba a ka ba e fumana, leha dipaki tsa bohata tse ngata di ile tsa tla, empa ha ba a ka ba di fumana. Qetellong ha fihla lipaki tse peli tsa bohata. |
Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.
“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.
O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.
Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.