Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 2:8 - BIBELE

8 O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Polelo e hlaphohileng, e ke keng ya nyatsuwa; gore yo o ganetsang a tlhajwe ke ditlhong, a se na sepe se se bosula se a ka se buang ka ga lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Polelo e hlaphohileng, e ke keng ya nyatsuwa; gore yo o ganetsang a tlhajwe ke ditlhong, a se na sepe se se bosula se a ka se buang ka ga lona.

Ver Capítulo Copiar




Tite 2:8
15 Referencias Cruzadas  

Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.


E mong wa Ditsebi tsa Molao, ya neng a ba mametse ha ba pheile kgang, mme a bona hore Jesu o ba arabile hantle, a tla ho yena, a mmotsa, a re: “Taelo ya pele ho tsohle ke efe?”


Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, ‘Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena,’


Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa.


Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.


Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Haeba e mong a ruta disele, a sa dumellane le dipolelo tsa nnete tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya bodumedi,


Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.


Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos