La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:46 - BIBELE

Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse.

Ver Capítulo



Mattheu 26:46
11 Referencias Cruzadas  

Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.


Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”


Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!


A re ho bona: “Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso hlokofatswe,


Empa bonang, ya nkekang o na le nna mona tafoleng.


Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema,


empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.”


Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a mo ratang a ba latetse. Ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya, ya neng a re: “Morena, ya o ekang ke mang?”


Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”


Eitse ha Mofilesita a ema, a etla, mme a atamela ho Davida, Davida a phakisa a mathela thekong ya ntwa, ho ya kgahlanyetsa Mofilesita eo.