Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:51 - BIBELE

51 Ha nako ya hae ya ho nkelwa lehodimong e atametse, a ikemisetsa ho leba Jerusalema,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Yare matsatsi ao a tla nkelwa kganyeng ka wona ha a ntse a atamela, a itiisa ho ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

51 Yare ha nako ya ho nyollwa ha hae e fihla, a ikemisetsa ho ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

51 Yare ha nako ya ho nyollwa ha hae e fihla, a ikemisetsa ho ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:51
29 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!


Jesu a ya le metse le metsana, a ruta, a le leetong la ho ya Jerusalema.


Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea.


Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,


Yare ba sa mametse tsena, Jesu a eketsa a bolela setshwantsho, hobane a ne a atametse Jerusalema, mme ba ne ba hopola hore Mmuso wa Modimo o se o tla hlaha kapelepele.


Hoba a bolele tsena, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.


Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.


Ha ba le tseleng, e mong a re ho Jesu: “Ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.”


“Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: ‘O ya kae?’


Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona.


Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.


Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


o sebeditse ho Kreste, ha a mo tsosa bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona, mahodimong,


Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos