O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.
Mattheu 26:43 - BIBELE Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima. Baasraak Sotho NT A tla hape, a ba fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla hape, a ba fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima. |
O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.
Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”
A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”
Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.
Yaba mohlankana e mong ya bitswang Eutukose, ya neng a dutse fesetereng, o ya le sephume sa boroko ha Paulosi a ntse a buisana le bona nako e telele. A hlolwa ke boroko, a wela fatshe a le mokatong wa boraro wa ntlo e kahodimo, mme a nkwa a se a shwele.
Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.