Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:32 - BIBELE

32 Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba imetswe ke boroko; yare ha ba phaphama, ba bona tlotla ya Jesu le banna ba babedi ba emeng le yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

32 Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba tshwerwe ke boroko;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Empa Petrose le ba nang le yena ba ne ba tshwerwe ke boroko;

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:32
13 Referencias Cruzadas  

Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao.


Ka utlwa lentswe la hae ha a bua, mme ha ke le utlwa ka wela fatshe ka sefahleho, ka akgeha.


Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.


Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba jwang.


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos