Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”
Mattheu 26:4 - BIBELE mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye. Baasraak Sotho NT Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye. |
Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”
Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:
Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,
Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,
“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?
Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.
Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.