Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.
Mattheu 26:35 - BIBELE Petrose a re ho yena: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a re ho yena: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Le barutuwa bohle ba bolela jwalo. Baasraak Sotho NT Petrose a re ho yena: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a re ho yena: Leha nka shwa le wena, nke ke ka o latola. Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo. |
Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.
Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.
Petrose a re ho yena: “Morena, ke ka baka lang nke keng ka o latela hajwale? Ke tla o tella bophelo ba ka!”
E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,
Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,
Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.