Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:33 - BIBELE

33 empa ya ntatolang pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:33
11 Referencias Cruzadas  

Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.


Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.”


Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”


empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo.


Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos