Mattheu 26:33 - BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.” Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane. Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. |
Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?
Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”
Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”
Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.