Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.
Mattheu 26:32 - BIBELE “Empa ha ke se ke tsohile bafung ke tla le etella pele ho ya Galelea.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea. Baasraak Sotho NT Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea. |
Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.
ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”
Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”
Yaba Jesu o re ho bona: “Se tshabeng, eyang le tsebise bana beso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.”
Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo Jesu a neng a ba laetse ho ya ho yona.
Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: ‘O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!’ ”
Kamorao ho moo a iponahatsa ka nako e le nngwe ho badumedi ba fetang makgolo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba bona ba se ba shwele.