Mattheu 25:3 - BIBELE Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole; Sesotho 1909/1961 (SO) Mawatla ha a nka dilampi tsa wona, ha a ka a di nkela ole. Baasraak Sotho NT Ba mawatla ba nka mabone a bona, mme ba se ke ba nka ole le bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mawatla ba nka mabone a bona, mme ba se ke ba nka ole le bona. |
Ka letsatsi le letsatsi ba ntse ba mpatla, ba labalabela ho tseba ditsela tsa ka, jwalokaha eka ke setjhaba se etsang tse lokileng, se sa furallang melao ya Modimo wa sona. Ba nkopa ho ba bolella melao e lokileng, ba re ba tjhesehela ho ikatametsa ho Modimo.
“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
ba tla bonahala e ka ba na le bodumedi, athe ba lahlile matla a bodumedi. Ba jwalo o ba furalle.
Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.
“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.