Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng,
Mattheu 25:13 - BIBELE “Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.” Sesotho 1909/1961 (SO) Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona. Baasraak Sotho NT Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona. |
Monga mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng,
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.
Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.
Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle.
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”