Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona.
Mattheu 24:43 - BIBELE Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. Sesotho 1909/1961 (SO) Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe. Baasraak Sotho NT Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe. |
Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona.
Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”
“Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.
“Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso,
A bona hore ba soka haboima, hobane ba ne ba tobane le moya. Ha e batla e eba kameso, a ya ho bona a tsamaya hodima letsha, a ilo ba feta.
Leha a ka fihla ka seroko, kapa ka dialla, mme a fumana ba fadimehile, ba lehlohonolo bahlanka bao!
Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”
Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.