Mattheu 24:24 - BIBELE hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang. Baasraak Sotho NT Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa. |
Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.
O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”
Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.
“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.
Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.
Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?
Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,
Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.
Paulosi o ne a rerile ho feta feela Efese, hore a tle a se ke a dieha Asia, hobane o ne a itlhahaneletse ho ba Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta, ha ho ka etsahala.
Jwale lehlohonolo lela la lona le kae? Etswe ke a le paka hore, hoja ho ne ho ka etsahala, le ka be le ikgontse mahlo, la mpha wona.
“Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo;
Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”
Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.
Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.
Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.
Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.
Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.
Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.