La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 24:22 - BIBELE

Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hoja matsatsi ao a se ke a kgutsufatswa, ho ka be ho se motho ya tla pholoha, empa ka baka la bakgethwa matsatsi ao a tla kgutsufatswa.

Ver Capítulo



Mattheu 24:22
13 Referencias Cruzadas  

Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Hara naha yohle,” ho rialo Morena, “ke tla otla karolo tse pedi tsa mohlape, ke di otle, ke be ke di timetse, ya boraro yona e sale e phela.


Ke tla bokella ditjhaba tsohle ho tla lwantsha Jerusalema; motse ona o tla haptjwa, matlo a lobelwe, le basadi ba betwe. Halofo ya baahi ba motse e tla thopuwa, empa masalla a bona a tla nne a be teng motseng ona.


“Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.”


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”


Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,


Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.


Nna Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa bakgethwa, bao e leng bajaki ba qhalakaneng dinaheng tsa Pontose, Galatia, Kapadokia, Asia le Bithinia,