Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 14:2 - BIBELE

2 Ke tla bokella ditjhaba tsohle ho tla lwantsha Jerusalema; motse ona o tla haptjwa, matlo a lobelwe, le basadi ba betwe. Halofo ya baahi ba motse e tla thopuwa, empa masalla a bona a tla nne a be teng motseng ona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 14:2
30 Referencias Cruzadas  

Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.


O phahamiseditse tjhaba tse hole mokgele, ba pheletsong tsa lefatshe o ba bitsa ka molodi, ke bana ba etla kapele, ba potlakile!


Lona thabang, le nyakalle kamehla, le nyakallele tseo ke di bopang. Ke tla bopa Jerusalema e nyakaletseng, baahi ba yona e be ba tletseng thabo.


‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tla hlolwa. Dihlomo tsa lona, tseo ka tsona le tla lwantsha kgosi ya Babilona le Bakalatiya ba le etseditseng thibella, ke tla di nka, ke di bokelle, ke di bee bohareng ba motse.


Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


Sera se nanabeditse letsoho la sona, sa le nanabetsa, sa nka maruo wohle a yona; Jerusalema e bone baditjhaba ba kena, ba kena ka Sehalalelong sa yona, bona bao o neng o laetse, o itse ba se kene phuthehong ya hao.


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona.


Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto.


“Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: ‘Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha!


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


“Ke tla etsa hore Jerusalema e be senwelo sa veine, se etsang hore ditjhaba tsohle tse e potapotileng, di thekesele. Juda e tla etsetswa thibella, esita le yona Jerusalema.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


Mohla tsatsi leo, ke tla timetsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.”


Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.


“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;


hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.


Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos