Mattheu 24:12 - BIBELE mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo. Baasraak Sotho NT Mme ka baka la ho ata ha bokgopo, lerato la ba bangata le tla tapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ka baka la ho ata ha bokgopo, lerato la ba bangata le tla tapa. |
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.