Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:15 - BIBELE

15 o re: Ke tseba mesebetsi ya hao; ha o bate, ha o tjhese. Hoja o no bata kapa o tjhesa!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke tseba mesebetsi ya hao: ha o bate, ha o tjhese; holane o a bata, kapa o a tjhesa!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ke tseba mesebetsi ya hao, hoba ha o bate ha o tjhese;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ke tseba mesebetsi ya hao, hoba ha o bate ha o tjhese;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:15
23 Referencias Cruzadas  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


“Efraime o ikopantse le baditjhaba; Efraime ke senkgwa se fubisitsweng.


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


mme ka baka la ho ata ha bokgopo lerato la ba bangata le tla qepha.


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Haeba ho ena le ya sa rateng Morena, a ke a rohakehe. Marana tha! Morena, tloo!


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!


Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


hobane ke motho ya sa tsebeng moo a emeng teng, ya sa tsitsang ditseleng tsohle tsa hae.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos