Mattheu 23:34 - BIBELE Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle; Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong; Baasraak Sotho NT Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong; |
Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.
Ha Jeremia a qetile ho bua tsohle tseo Morena a neng a mo laetse tsona hore a di bue ho setjhaba sohle, baprista le baporofeta mmoho le setjhaba sohle, ba mo tshwara, ba re: “Ruri o tlameha ho bolawa!
Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.
Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.
A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”
le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.
Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.
Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”
empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”
Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule.
Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele.
Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa.
Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.
Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.
Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.
Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.
Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.
Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.
Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.