Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 11:10 - BIBELE

10 Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 11:10
29 Referencias Cruzadas  

Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”


Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.


Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?”


Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”


Morena Modimo wa ka, tadima, o nkarabe hle; ako edise mahlo a ka, esere ka roballa ruri,


Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse;


Bo-mofetakatsela bohle ba mo hapetse tsa hae, a fetoha sesomo ho bao a ahisaneng le bona.


O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo.


Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.


Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya.


ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete.


Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.


Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.


Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.


Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa.


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos