Motho ya leme le monate a le pelo e mpe, o jwaloka pitsa ya letsopa e homilweng ka manya a silefera.
Mattheu 23:27 - BIBELE “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle. |
Motho ya leme le monate a le pelo e mpe, o jwaloka pitsa ya letsopa e homilweng ka manya a silefera.
“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.
Le lona le jwalo: kantle le tadimeha le lokile, athe kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.
“Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.”
Jwale Paulosi a re ho yena: “Moikaketsi towe! Modimo o tla o otla! O dutse mono hore o nkahlole ka Molao, empa o fapana le Molao, o laela hore ke otlwe.”
Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste.