Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Mattheu 23:22 - BIBELE mme ya hlapanyang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo, le ka ya dutseng hodima yona. Sesotho 1909/1961 (SO) le ya anang ka lehodimo, o ana ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona. Baasraak Sotho NT Le ya anang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ya anang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona. |
Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?
Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo;
“ ‘Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka; lona le tla nkgahela ntlo e jwang, ho rialo Morena, kapa sebaka ke sefe seo nka phomolang ho sona?