“Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona.
Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.
“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.
“Hlokomelang Ditsebi tsa Molao tse thabelang ho tsamaya di apere diaparo tse phuphuthang, tse ratang ho dumediswa mabaleng a metse, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditulo tse kapele meketeng,