Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.
Mattheu 22:2 - BIBELE “Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya neng a etsetse mora wa hae mokete wa bohadi. Baasraak Sotho NT Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena e mong ya neng a etsetsa mora wa hae lenyalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena e mong ya neng a etsetsa mora wa hae lenyalo. |
Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.
Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele.
Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.
Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.