Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 12:36 - BIBELE

36 Le be jwaloka batho ba lebeletseng hore na monga bona o tla kgutla neng moketeng wa lenyalo, e tle ere ha a fihla, a kokota, ba mmulele kapelepele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Le lona le be jwaloka batho ba lebeletseng morena wa bona hore na o tla kgutla neneng bohading, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba mmulele hanghang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Le lona le be jwaloka batho ba letetseng morena wa bona, mohla a kgutlang moketeng wa lenyalo; e tle e re ha a fihla, a kokota, ba mmulele hang-hang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Le lona le be jwaloka batho ba letetseng morena wa bona, mohla a kgutlang moketeng wa lenyalo; e tle e re ha a fihla, a kokota, ba mmulele hang-hang.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:36
16 Referencias Cruzadas  

“Ke lebeletse ho pholoswa ke wena, Morena.


Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng.


“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.


A re thabeng, re nyakalleng, mme re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete wa lenyalo la Konyana. Monyaduwa wa hae o itokisitse,


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos