“Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara.
Mattheu 21:40 - BIBELE “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ana mohla monga tshimo ya merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa jwang na? Baasraak Sotho NT Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao? |
“Lona banna ba Jerusalema le banna ba Juda, a ke le ahlole pakeng tsa ka, le tshimo ya ka ya morara.
Yare ha nako ya kotulo e atametse, a romela bahlanka ba hae ho balemi ho ya bokella seabo sa hae sa kotulo.
Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”
“Jwale na monga tshimo o tla etsa jwang? O tla tla, mme a timetse balemi bao, tshimo a e nee ba bang.
Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!