“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’
Mattheu 21:39 - BIBELE Ba mo tshwara, ba mo kgarameletsa kantle ho tshimo, mme ba mmolaya. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. Baasraak Sotho NT Ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. |
“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’
Yaba ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Moprista e Moholo, Kaiafa, moo Ditsebi tsa Molao le baholo ba neng ba phuthehetse teng.
Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.
Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.
ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.
Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.
Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;