Mattheu 20:17 - BIBELE Jesu ha a nyolohela Jerusalema a ya le barutuwa ba leshome le metso e mmedi boinotshing, mme ha ba le tseleng a bua le bona, a re: Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a sa le tseleng, a nkela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi thoko, a re ho bona: Baasraak Sotho NT Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a nkela barutuwa ba leshome le metso e mmedi thoko tseleng, a re ho bona: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a nkela barutuwa ba leshome le metso e mmedi thoko tseleng, a re ho bona: |
A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?”
Ka la hosasane, letshwelehadi le tlileng moketeng ha le utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.
e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.