Mattheu 20:16 - BIBELE “Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao. Baasraak Sotho NT Jwalokaha ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao; |
“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.
“Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata,
hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka.’ ”
Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”
Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”
Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.
Bao a ba kgethileng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse; bao a ba lokafaditseng, o bile o ba tlotlisitse.
Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong.
Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.