La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 20:14 - BIBELE

Nka moputso wa hao, o ikele; ke rata ho fa monna enwa wa ho qetela jwalokaha ke o file.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Nka seo e leng sa hao, o ikele;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Nka seo e leng sa hao, o ikele;

Ver Capítulo



Mattheu 20:14
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa.


“A araba e mong wa bona, a re: ‘Monna heso, ha ke o tlatlape. Na ha re a dumellana ka denare?


Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?’


“Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


“Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.


“Ntatae a re ho yena: ‘Ngwana ka, wena o na le nna kamehla, mme tsohle tsa ka ke tsa hao.


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe: “O tla fumanwa o lokile dipolelong tsa hao, o tla hlola nyewe ha o qoswa.”