Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”
Mattheu 20:12 - BIBELE ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’ Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona! Baasraak Sotho NT ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: Bana ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona ba jereng boima le mocheso wa letsatsi. |
Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”
Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.
“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?
Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.
Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.
Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.
Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.