Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:11 - BIBELE

11 Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:11
13 Referencias Cruzadas  

O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele.


Ha ba se ba ba ntshitse metopa e mengata, ba ba hlahlela tjhankaneng, ba laela molebedi ho ba lebela ka thata.


Yaba Moprista e Moholo, Ananiase, o laela ba pela Paulosi ho mo wahlela molomong.


Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?


Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa?


hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.


Re patiswa ka nqa tsohle, empa ha re bjaratsehe; re a tsieleha, empa ha re nyahame pelo;


Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.


ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos