Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”
Mattheu 19:25 - BIBELE Barutuwa ba hlollwa haholo ha ba utlwa hoo, ba re: “Ke mang he ya ka pholoswang?” Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba hae, ha ba utlwa a rialo, ba tsota haholo, ba re: Ha ho le jwalo, ho ka bolokeha mang na? Baasraak Sotho NT Eitse ha barutuwa ba hae ba utlwa, ba makala haholo, ba re: Ho ka bolokeha mang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha barutuwa ba hae ba utlwa, ba makala haholo, ba re: Ho ka bolokeha mang? |
Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e tswe lesobeng la nale ho ena le hore morui a kene Mmusong wa Modimo.”
Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.
Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.