O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.
Mattheu 19:15 - BIBELE A ba bea matsoho, a ikela. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme eitse ha a ba beile matsoho, a tloha teng. Baasraak Sotho NT A ba bea matsoho, a tloha teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba bea matsoho, a tloha teng. |
O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.
Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”
Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”
Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela.
Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.