Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Mattheu 19:10 - BIBELE Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.” Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala. Baasraak Sotho NT Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba ya monna le mosadi e ntse e le jwalo, ha ho molemo ho nyala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba ya monna le mosadi e ntse e le jwalo, ha ho molemo ho nyala. |
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe.
A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo,
Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”
Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.