Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.
Mattheu 17:6 - BIBELE Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ha ba utlwa lentswe, ba wa ka difahleho tsa bona, ba tshohile haholo. Baasraak Sotho NT Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, mme ba tshoha haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, mme ba tshoha haholo. |
Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.
Yaba ke a ema, ke ya phuleng. Ka bona tlotla ya Morena e eme moo, e tshwana le eo ke ileng ka e bona ha ke le pela noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”
Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’
Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!’
Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang.
lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho.