Mattheu 17:19 - BIBELE Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ka lekunutu, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho leleka modemona?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba barutuwa ba tla ho Jesu kathoko, ba re ho yena: Na re kile ra sitwa keng ho leleka motemona eo? Baasraak Sotho NT Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale barutuwa ba tla ho Jesu ba le bang, ba re: “Ke hobaneng ha rona re sitilwe ho leleka motemona eo? |
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.
Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena.
Ha a fihla ka tlung, barutuwa ba hae ba mmotsa boinotshing, ba re: “Ke ka baka lang rona re sitilweng ho o leleka?”