Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”
Mattheu 16:8 - BIBELE Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’ Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? Baasraak Sotho NT Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane! |
Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”
Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?
A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!
Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”
Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.
Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.