Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:8
9 Referencias Cruzadas  

Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?


Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.


Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?


A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos