Mattheu 16:24 - BIBELE Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele. |
Yare ha ba etswa, ba teana le monna wa Sirene, ya bitswang Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.
Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”
Yaba Simone wa Sirene, ntata Alekesandere le Rufase, o feta a etswa naheng, mme bahlabani ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu.
A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.
Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu.
A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha.
O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”
Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”
Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”
Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona.
Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.